Tseko ea Sefofu le Seritsa

Azariele Matšela Sekese

Illustration by GLOO / Yejin Lee

Metsoalle e tšepehang, ka hlompho kea le mema; ke le memela hore ’na le lōna, joale ka ha le se le tla utloa tsa ka, re ahlole nyeoe e mahareng a Sefofu le Seritsa, ba tsekang letlalo la none eo ba e sibolotseng e se e shoele, e bōkanetsoe ke manonyane le makhoaba.

Banna bao ba babeli, ba ne ba le thabeng, lehaheng, moo ba setseng mohoshong oa paleho ea ba habo, ka Lifaqane.1

Hona lehaheng leo mahahabo a fetileng teng, eare ka letsatsi le leng ba lutse, ba kokometse, “ho se nko ho tsoa lemina” (ho itse tuu), melomo e qaqapeha, maphako a manne, e setse eka a libōpi tsa lipitsana tsa letsopa, seritsa ha se nyemotsa nq’a holimo, maihlo a kopana le letoetoe (mokoloko) la linonyana tse fetang li bile li seohela lehlakoreng le leng ho moo ba leng teng.

Seritsa hoba se bone ho le joalo, eaba se phetela sefofu. Lentsoe le itse le sa qala ho re khethe (ho kena), sefofu sa raoha fatše, sa ema se leletse, sa bua sa re ho seritsa: “Ritsa-ritsa kapele, u fihle mona ho ’na ke u pepe, re ke re phalle re hlahele linonyana tseo; mohlaope li bone sefifi, ’me ha eba ha se sa motho, hase sa ntja, eba ke sa phoofolo, e tla ba re sibolotse, “letlalo ke la rōna.” ’Me uena ha ke u pepa, ke hore u be maihlo a ka, ’na ke be maoto a hao.” Ba ea ’me ba fumana none e shoeleng; ba e bua, ba e thotha kaofela, ba qetella ka letlalo. Hamorao seritsa sa re, letlalo ke la sona, ke sona se boneng linonyana ha li phaletse li ea sefifing. Sefofu a hana, a re: “Le hoja u li bone, u ne u sa tl’o tseba ho ea fihla sefifing sa none tjee ka ha u hloka maoto. Ke ka mokhathala oa ka u tsebileng ho ea fihla; e sa le ka oona nama le letlalo li fihlileng mona qalong ea rōna. Ha ho le joalo, letlalo ke la ka.”

Ka ngoaha o mong, mohl’a letsoso la Lifaqane, batho ba balehela lithabeng. Lira ha li ntse li atamela, ba tsoela pele, ba ba ba siea Sefofu le Seritsa lehaheng leo ba tlohileng ho lona. Empa leha ba ba siile moo, ba ’na ba ikhathatsa ho ba hloela le ho ba isetsa mofahonyana.

Eare ka tsatsi le leng, ha ba fihla ho bona, ba fumana ba se ba e-na le nama e ngata, ba sibolotse none. ’Me hoo ha thabisa baholo ba bona haholo; empa thabo ea baholo ha ea ka ea phetheha hantle, hobane ba boetse ba utloa hore baeka bao ba bile ba se ba qabane, ba tseka letlalo la none ea bona; e mong o re ke la hae, e mong le eena o re ke la hae. Tseko eo joale ea soabisa beng ba bona. Eaba ba re seritsa se ke se phete lebaka leo se utloisisang ka lona hore letlalo ke la sona.

Seritsa: “E, bo-ntate, le nkōpile hantle ha le re ke hlahise lebaka le nkentseng hore ke re letlalo ke la ka. E ne ere re ikokomaletse hona mona qalong ea rōna, ha ke isa maihlo holima, ka bona makhoaba le manonyane a hobaletse har’a sebaka, a bile a seohela ka mona letsoapong la thaba; ka ba ka phetela enoa motsoalle, Sefofu, joale ka ha ho thoe, ‘Se-bonoang se bonoa ke bohle.’ Sefofu a ema fatše, a ba a re ho ’na: ‘Ritsa-ritsa kapele, u tle, ke u pepe, u be maihlo a ka, ’me ’na ke tle ke be maoto a hao, re phalle re e’o hlaha pontšeng, re bone na linonyana tseo li phaletse hakaalo li utloile eng, li bone eng. ’Me ha eba e se sefifi sa motho kapa sa ntja, eba ke sa phoofolo, re li amohe sona.’”

“Sefofu a fela a mpepa, ra phalla, ra sala linonyana tseo morao. Ra re re sa qala ho hlaha pontšeng, ka li bona li bōkane tlase ho letsoapo la thaba, phuleng (mohlakeng). Ha re atamela, tsa baleha; Sefofu a botsa tjee: ‘Na ha re e-s’o fihle?’ Eaba ke re: ‘Re fihlile joale.’ Ka potso ea bobeli a re ho ’na: ‘Ha u bona ke eng e phalletsoeng moo ke linonyana?’ Ka re: ‘Ke none, ke ena e shoele.’—‘Ke hlile ka utloa ’mahlakeli tseleng ha re e-tla, u nkutloile ke bile ka mo phafa (roka). Ha ho joalo?’—‘Ho joalo, ke u utloile,’ ho cho ’na.

“Joale he, eare hoba re fihle sefifing sa none, Sefofu a re ke hlohlolohe, ke bue none eo re e sibolotseng, o tla ’ne a nthuse moo nka reng, ‘Tšoara mona.’ Qetellong, ha re se re saletsoe ke ho e thothela sebesoaneng sa rōna, ’na Seritsa, ka jara nama, Sefofu a boela a mpepa joale ka pele ha re phalla.”

Sefofu: “Butle! ’Na ke tla phetha life, ha eka joale u se u kene ho tsa ka; se k’a mpuella hoja ke tseka le uena; bua tsa hao, ke tla bua tsa ka. ’Me ere ka ha u buile halelele, ntšiele sebaka sa tsa ka. E, bo-ntate! Efela ho bile joale ka ha enoa Seritsa a bolela. Ka jara boima bo boholo; nq’e ’ngoe ke be ke khase ka matsoho fatše. Che, leha ho le joalo, ka tiisetsa, ea ’na ea e-ba boimanyana le boimahali; empa mahlomola ea e-ba ha Seritsa a se a jere letlalo lena la none holim’a ka, ke mo pepile hammoho le lona. Moo, joale, ha re ke se ntše hlohong (sello). Ngoana oa Mosotho o n’a nepe ha a re, ‘Bohloko ha bo utloelanoe.’ Ha kea ka ka hopola hore Seritsa a ka ba le matla ho ntsekisa ha ke re letlalo ke la ka.

“Le hona joale, benghali, ha eba le nkutloile hantle, ke sa le khotše moea (tšepo) hore le tla hlokomela mofufutso oa ka; etsoe hase oa ‘ntja, oona o tsoelang boeeng, ebe ke ho feela.’ Motho enoa ke motseki, e bile ke paki ea ka, joale ka ha a ipaketse, a re o ile a bona linonyana; hona moo, le ’na a mpakela, a re, eare hobane a mpolelle tsa pono ea hae; ha e ne e se e haeletsoe ke liketso, ka re ho eena: ‘Tloo, ke u pepe, u be maihlo a ka, ’me ’na ke be maoto a hao, re phalle.’ Ka tsena o mpakela hore molaoli ke ’na, le sera se na beng se futuhile ke sa ka. Empa booatla ba hae ha bo mo bontše hore o se a itsoile.”

Lipotso: Ke le Rasefofu, ke sa u botsa, Seritsa. U re, eitse hobane u bone linonyana, u bone le moo li elellang teng, ua etsa eng ka ho li bona?”

“Ka bolella Sefofu.”

“Ua bolella Sefofu, u rialo?”

“E.”

“Sefofu sa u araba se re’ng?”

“Sa re ke atamele ho sona se mpepe, ke be maihlo a sona, ’me sona e be maoto a ka, re phalle ka mora’ linonyana le rōna, re tle re bone ntho eo li e boneng, ’me re li amohe, ha eba e se sefifi sa motho kapa sa ntja.”

“Ke teng, molekan’a ka, u sa nkarabile hantle; a re ke re fetele mona joale: hoja Sefofu a se u meme, u ne u tla etsa eng ka ho bona linonyana li seohela moo u sa tsebeng hore li utloile eng, li bone eng teng?”

“Hoja ke se potlake ho bolella Sefofu, ekaba ke ne ke tla elelloa seo re ka se etsang; esita le Sefofu, ka mora’ ho mo bolella, a phakisa ho neela mabaka mabapa le hoo re lokelang ho ho etsa. ’Me ere ka ha ke phakisitse ho lumela seo a ileng a re re se etse, hona ho ’nea hore ke re ho uena, e ne e le eona khopolo ea ka e neng e tla mphihlela hamoraonyana, leha e ne eba ke sa ka ka elelloa hang ho e emela.”

“Ho lintho tse seng li etsahetse le ho tse e-song ho etsahale, potso ea ka u e arabella holim’a life?”

“Holim’a tse seng li etsahetse.”

“Ha eba ke u utloile hantle, joale u arabela potso ea ka joang, ha eka ke hona u ’nōnosang (ntšosang) tsa khopolo e neng e ipate ha maihlo a hao a bohile linonyanna ha li phalletse sefifi sa none?”

“Ke hobane ke rata ho u kholisa ha ke re, e ne e tla ’ne e be takatso ea ka le khopolo e neng e tla boela e ntlama hore re phalle. Sefofu a ka be a bone eng, athe ha a bone?”

“Na ekaba u hlile u ikutloa hore u araba potso ea ka?”

“E, ke ikutloa joalo.”

“Oo! Ke tla khutlela ho eona. Empa, ke e-s’o u tlohele, ha re ke re re tle ho ena.—Ke tla u botsa ke sa u lothe, ’me le uena u tl’u nkarabe u sa nketsetse ‘’mamphakoe’ (selotho).—Na u ile ua pheta joalo ho ntat’ao, ua re Sefofu o ile a re le phalle?”

Seritsa: “E, ke phetile joalo.”

“Ha ke re u ne u mo kholisa hore mong’a sefōlō (sefifi) ke eena Sefofu?”

“Ekare ha eba ke se ke kholisitse ntate hore sefōlō ke sa Sefofu, e ka be eba joale ke sa tseka eng; eena ntate a ka b’a fetile le hokae ho tseka letlalo leo ke seng ke mo paketse tsa lona joalo?”

“U ne u lekanya eng ka eng, ha u pheta ho ntat’ao, ha u tla be u re Sefofu o itse le phalle ka mora’ linonyana?”

“Ke phetile joalo ka ho ea ka mohlala oa tsebiso ea ka ho Sefofu le karabelo ea hae ho ’na; ke ne ke sa hloesetsa letlalo la none leo re le tsekang holim’a Sefofu.”

“Ha e le pono ea hao ea maihlo, e le kutlo ea Sefofu ea litsebe, ke hofe ho ntho tsee tse peli ho le fumantšitseng lijo na?”

“Hoja ka se ke ka bona linonyana ha li feta holim’a rōna, re ka be re sa ka ra fumana lijo; hape hoja eare leha ke li bone, ka khutsa, ke sa bue letho ka tsona, le teng re ka be re ’nile ra sala joalo tlas’a kotsi ea ho lapa. Ho joalo le ho eena mora oa hao, Sefofu. Hoja a se ke a re re phalle, ho ka be ho sa fapana ka letho le seo re bileng sona tšiung tse ngata tse fetileng ho fihlela maoba le maobane. Ho motsotso u mpotsa, ntate Rasefofu; nkhatohe, ke ikoahlaee (kahlaee). Ke re, hoja ke ne ke hloka maihlo, eba Sefofu le eena o ne a le joale ka ha ke le tjee, ke hloka maoto, ho ne ho se mokhoa oo khora ena le letlalo lena re le tsekang re ka beng re li fumane ka oona, joale ka ha ke tsoa pheta. Hoja eare hoba ke bone linonyana, ka ikhutsetsa, Sefofu o ne a tla li bona neneng, ka’ng? Kapa, le hona ha ke mo boleletse, ka sala, a ea, nka be ke bone hape manonyane le makhoaba a seohela (theohela), a mo ja moo a oetseng selomong.”

Rasefofu: “Re utloile kamoo banna ba babeli, Seritsa le Sefofu, ba tsekisanang letlalo la none eo ba e sibolotseng e shoele, e jeoa ke linonyana. ’Me taba e boima, ke hore ba fapane ka pōpeho. Ea bitsoang Sefofu, o bitsoa joalo hobane maihlo a hae ha a tsebe ho bona letho, ’me athe maoto a tseba ho tsamaea. Empa ka ’ona feela o ne a ka tsamaea a ea fihla kae, a e-s’o oele?

“Seritsa le eena ke enoa; o na le setšoantšo sa maoto feela, a ferehaneng, a sa otlolohang; ’me le hona, ke likutoanyana tse sa tieang joale ka ha e be eba ke maoto. ’Me ha a ka leka ho ritsa libakeng tsee ba maoto ba tsamaeang ho tsona, le eena a ka oela hang-hang, hobane ha a tsebe ho tsamaea.

“Leha ho le joalo, ba le joalo ba babeli, ba ile ba ea fihla hantle sefifing, leha se ne se le hole le moo ba lulang teng, taong e le ’ngoe. Ba fihla ho se tsieleho, ho se kotsi e ka beng e bile teng hoja e mong le e mong ho bona a itšepa ka tselana ea hae a le mong.

“Kutloano le tumellano mahareng a bona ea ba bōpela hloahloa (lehlohonolo) le katleho, ’me Molimo oa kenya khothalo maikutlong ho seo ba tsebileng ho se etsa hore ba be ba fumane ho ja. Tseo kaofela li ne li lokile kaofela. Empa tsa senyeha ka baka la motho a le mong, Seritsa. Eare ha a ntse a sekisetsa Sefofu, le ho ikhethela monateng oa nama, joale a itšepisa, ’me pelong le lelelmeng a rorisa kamoo a ileng a bona linonyana, a ba a ikhopola tjeka ha eka sefōlō ke sa hae a le mong. Ka tsena a ikhetha, a hla a iketeletsa pele ho Sefofu ho tsohle tsee ba li entseng hore ba be ba fumane none e shoeleng. Ka mabaka a joalo, joale a hlahisa puo ea hae ka letlalo lena la none e sibolotsoeng ke linonyana. Empa, ha li ka mo tsekisa eona, a ka checha ka santhao, a eteletsa maoto a Sefofu kapele; le horeng (le hona) a ka re, eena ha a tsebe letho, e ne e le lesea le pepiloeng ke ’m’a lona.

“Benghali, ekaba le sa ntse le hopola lentsoe le leng puong ea ka ha ke re, Seritsa o ne a sekisetsa Sefofu, a bile a ikhethela monateng oa nama. Ke buile joalo ke sa fonosetse (phopholetse). Ho lōna moo, ea sa tsebeng hore lifofu lia jeloa ke mang? Esita le bana ba banyenyane ba li amoha. Sefofu e ee ere se sa isitse hanong habeli kapa hararo, se utloe sejana seo se fepetsoeng ho sona se se se le feela. Bonang, ha esita har’a motse, bathong ba bangata, lifofu li jeloa, Seritsa o qathantšitse (o hakantšitse) Sefofu hakaakang, banna!

“Tsa ka ke tsena, ’me kahlolo e ho lōna, marena; bafohatse re fōhla sefate makalana feela.

“Le ntšoarele, beng ba ka, ke fantse (bolebali), ka ba ka siea tseo ke ileng ka li hopotsoa ke ho se tšoane ha banna bana ba babeli, Sefofu le Seritsa. Ho hlile ho joale ka ha ke phetile hore, Seritsa o ne a sekisetsa Sefofu ha ba ntse ba e-ja nama ea phoofolo eo kajeno ba tsekisanang letlalo la eona. Ke hopola hore lōna, ka maihlo a lōna, le ba shalima joale ka ’na; ’me lea bona hore nama ea none e nontšitse Seritsa a le mong, Sefofu o otile. Lea bona he, monono oa Seritsa o thusa bopaki bo lumellanang le hore ke buile tsona liketso tsa hae. Kea soaba ha ke ntse ke lemoha hore har’a lōna, ba bang ba nkutloela moo lipuong tsohle tsa ka ke sa eeng le teng. Ha ke tsoe Seritsa hoba Sefofu e le mora oa ka. Empa nke ke ka tsoa litabeng, joale ka lipholo tse lemang hantle ha li sa tsoe lekoteng. Ke hlahisitse maikutlo nyeoeng ena ke sa ōmele (ke sa khutlele) litaba, ka baka la ho tšaba ha ho tla thoe ke emetse Sefofu hoba e le mora oa ka, ’me ke tsoile Seritsa hoba e le oa Raseritsa, e se oa ka.”

Motho ofe le ofe ea hapiloeng ke temalo ea leeme linyeoeng o joalo ka tšehlo e hlabang maoto a batsamai tseleng e sebelitsoeng hantle, ha thoe e lokile; ’me motho ha a le joalo, eba ke sera sa toka ea sechaba sa habo.




Since Sekese died in 1930, Bukana ea Tšomo tsa Pitso ea Linonyana le Tseko ea Sefofu le Seritsa, from which the text has been reproduced, is in the public domain in most territories, including those where the copyright term is Life + 80 years or less. Furthermore, having been first published in 1928, the work is also in the public domain in the USA where copyright for works published before 1978 is publication date + 95 years.